Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: ‘Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao,’ athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao?
Mattheu 7:3 - BIBELE “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao? Sesotho 1909/1961 (SO) O tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao? Baasraak Sotho NT O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe leballo le ka leihlong la hao? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe leballo le ka leihlong la hao? |
Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: ‘Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao,’ athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao?
Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.
Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.