Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Mattheu 5:34 - BIBELE Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka lehodimo, hobane ke terone ya Modimo; Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya ho hang; leha e le ka lehodimo; hobane ke terone ya Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya ho hang; leha e le ka lehodimo; hobane ke terone ya Modimo. |
Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?
“ ‘Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; lona le tla nkgahela ntlo e jwang, ho rialo Morena, kapa sebaka ke sefe seo nka phomolang ho sona?
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.