Mattheu 5:25 - BIBELE “O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng; Sesotho 1909/1961 (SO) O phakise o dumellane le ya tsekisanang le wena, le sa le tseleng le yena; esere mohlomong ya tsekisanang le wena a o neela maohlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka wa kahlolo, mme wa kgarameletswa teronkong. Baasraak Sotho NT Ho dumellana le mohanyetsi wa hao kapele, o sa le tseleng le yena; e se re mohlomong mohanyetsi a o neela moahlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka, mme wa lahlelwa teronkong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho dumellana le mohanyetsi wa hao kapele, o sa le tseleng le yena; e se re mohlomong mohanyetsi a o neela moahlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka, mme wa lahlelwa teronkong. |
Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona.
Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.
Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.
Ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, mme o ne a ye a tle ho yena, a re: ‘Nkahlolele ho ya ntsekisang.’
Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.
Le a tseba kamoo hamorao, ha a ne a lokela ho newa tlhlohonolofatso, a ileng a lahlwa kateng, hobane o ne a sitwa ho etsolla seo a neng a ile a se etsa, leha a ne a leka ho etsa jwalo ka meokgo.
Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.