Mattheu 28:18 - BIBELE Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng. Baasraak Sotho NT Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. |
“Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.
Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”
Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”
“Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”
Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.
“Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;
O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.
“Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”
Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.
Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste.
Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.
o beile tsohle katlasa maoto a hae.” Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae.
ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.
Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”
Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”
Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”