Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.
Mattheu 28:17 - BIBELE Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. Baasraak Sotho NT Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. |
Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.
Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”
Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.
Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.
Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.