‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”
Mattheu 27:60 - BIBELE a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha. Sesotho 1909/1961 (SO) a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela. Baasraak Sotho NT A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha. |
‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”
‘O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?’
O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui.
Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.
Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.
Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.
Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.
Sebakeng seo a thakgisitsweng ho sona ho ne ho ena le serapa, mme serapeng ho ena le lebitla le letjha, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ka ho lona;
Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.