“Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona.
Mattheu 27:6 - BIBELE Baprista ba baholo ba nka ditjhelete tseo, ba re: “Ha ho dumellehe hore di kenngwe polokelong ya ditjhelete tsa Tempele, hobane ke tsa theko ya madi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi. Baasraak Sotho NT Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a dumellwa hore di kenngwe polokelong ya letlotlo, hobane ke theko ya madi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a dumellwa hore di kenngwe polokelong ya letlotlo, hobane ke theko ya madi. |
“Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona.
Yare hoba ba rere, ba reka tshimo ya sebopi sa dipitsa ka tsona, e tle e be moo ho epelwang baditjhaba teng.
Empa lona le re: ‘Ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke korobane’, ke ho re, ‘mpho ho Modimo,’
Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.
O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.