Mattheu 27:18 - BIBELE O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona. Baasraak Sotho NT Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mohono. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mohono. |
Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.
Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?”
Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”
Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.
Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono,
Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?”