Ka mokete mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela letshwele motshwaruwa e mong, eo le mo ratang.
Mattheu 27:16 - BIBELE Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tumileng ka bokgopo, ya bitswang Barabase. Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase. Baasraak Sotho NT Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tsebahalang, ya bitswang Barabase. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tsebahalang, ya bitswang Barabase. |
Ka mokete mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela letshwele motshwaruwa e mong, eo le mo ratang.
Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?”
Jwale ho ne ho le teng ya bitswang Barabase, ya neng a tshwerwe mmoho le ba neng ba fetohetse mmuso, ba bile ba bolaile motho nakong ya moferefere oo.
A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.
Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.
Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.
Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna.