A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”
Mattheu 26:36 - BIBELE Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jesu a ya le bona nqalong e bitswang Gethesemane. A re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke sa ya mane ho rapela. Baasraak Sotho NT Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono. |
A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”
A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.