“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”
Mattheu 26:21 - BIBELE Ha ba ntse ba eja, a re: “Ruri ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. Baasraak Sotho NT Eitse ha ba eja, a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha ba eja, a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. |
“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”
“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.
Yare hoba Jesu a bolele tsena, a ferekana moyeng, a bua phatlalatsa, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”
Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.
Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.