“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.
Mattheu 26:2 - BIBELE “Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. Baasraak Sotho NT Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong. |
“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.
Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,
a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!”
Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba tswang ka mathoko ba nyolohela Jerusalema, e eso be Paseka, hore ba tle ba itlhwekise.
Ha ho setse matsatsi a tsheletseng e eba Paseka, Jesu a ya Bethania, moo Lasaro, eo Jesu a neng a mo tsose bafung, a neng a le teng.
Le yena Judase ya mo ekang, o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phuthehela teng kgafetsa.
E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.