A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”
Mattheu 26:15 - BIBELE o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo. Sesotho 1909/1961 (SO) a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera. |
A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”
Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe.
Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng.
Haeba e le mosadi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo.
Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha.
E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.
Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.
Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.”
Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.