Mattheu 24:51 - BIBELE mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.” Sesotho 1909/1961 (SO) O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno. Baasraak Sotho NT O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. |
Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”
Lena ke lona lefa la hao, ke seabo seo ke se abetseng wena, hobane wena o ila ntebala, wa itshepela medimo ya bohata,” ho rialo Morena.
“Yaba kgosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.’
Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng,
Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!’ ”
empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”
monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.
“Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.