Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”
Mattheu 24:20 - BIBELE Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha, Sesotho 1909/1961 (SO) Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha. Baasraak Sotho NT Empa le rapele hore paleho ya lona e se ke ya eba mariha, leha e le ka letsatsi la Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le rapele hore paleho ya lona e se ke ya eba mariha, leha e le ka letsatsi la Sabatha. |
Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”
hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.
Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.