Mattheu 23:32 - BIBELE E, qetelang seo bontata lona ba se qadileng! Sesotho 1909/1961 (SO) mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona. Baasraak Sotho NT Le tlatse jwale tekanyo ya bontata lona! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tlatse jwale tekanyo ya bontata lona! |
O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.
Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’
“Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng,
Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.
Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.