La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 23:19 - BIBELE

Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mahlanya le difofu ke lona!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mahlanya le difofu ke lona!

Ver Capítulo



Mattheu 23:19
6 Referencias Cruzadas  

Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”


O di halaletse di tle di halalele ka ho fetisisa, mme eng kapa eng e tla di ama, le yona e tla halalela.


Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?’ ” Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!”


Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?


Hape le re: ‘Ha motho a hlapanya ka aletare tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka mpho e aletareng, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’


Ka baka leo, ya hlapanyang ka aletare, o hlapanya ka aletare eo le ka tsohle tse ka ho yona;