Mattheu 23:11 - BIBELE E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e moholo ho lona e tla ba mohlanka wa lona. Baasraak Sotho NT Empa e moholo hara lona e tla ba mohlanka wa lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa e moholo hara lona e tla ba mohlanka wa lona. |
Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”
Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.
Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.
Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;