La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 22:5 - BIBELE

“Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa bao ba nyedisa, mme ba ya, e mong tshimong ya hae, e mong papatsong ya hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa ba iphapanya, ba ikela, e mong a ya tshimong ya hae, e mong a ya kgwebong ya hae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa ba iphapanya, ba ikela, e mong a ya tshimong ya hae, e mong a ya kgwebong ya hae.

Ver Capítulo



Mattheu 22:5
21 Referencias Cruzadas  

Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela. Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo.


Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.


Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


“Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: ‘Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.’


Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.


a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”


Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.”


Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”


Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?


mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.


mahlabaphiyo, ba soro, baikgohomosi. Ba tla rata menate ya lefatshe, ho ena le Modimo;


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.