Mattheu 22:43 - BIBELE A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re: Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ha ho le jwalo, na Davida ha a bolediswa ke Moya, o mmitsetsang morena wa hae, ha a re: Baasraak Sotho NT A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re: |
Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’
“Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.
Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.
hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.
Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,
Hanghang ka tlalwa ke Moya wa Modimo. Lehodimong ho ne ho beilwe terone, mme e mong a dutse hodima yona.