“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.
Mattheu 22:24 - BIBELE ba re: “Moruti, Moshe o itse: ‘Ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla kenela mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.’ Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana. Baasraak Sotho NT ba re: Moruti, Moshe o itse: Ekare ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba re: Moruti, Moshe o itse: Ekare ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana. |
“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.
Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.”
Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.
Jwale hara rona ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala, a shwa, mme kaha a ila shwa a se na bana a siela ngwanabo mosadi wa hae.
“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
“Moruti, Moshe o re ngoletse hore ha ngwanabo monna a eshwa, mme a siya mohlolohadi a se na bana, ngwanabo a kenele mohlolohadi eo, mme a tswalle ngwanabo bana.
ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore: ‘Ha ngwanabo monna a eshwa a ena le mosadi, a se na bana, ngwanabo mofu a kenele mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.’
Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?”
Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”
Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.”