Mattheu 22:21 - BIBELE Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Baasraak Sotho NT Ba re ho yena: Ke tsa Sesare. Yaba o re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare; le ho Modimo dintho tsa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re ho yena: Ke tsa Sesare. Yaba o re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare; le ho Modimo dintho tsa Modimo. |
A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.
La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.
Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.
Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.