Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
Mattheu 22:15 - BIBELE Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng. Baasraak Sotho NT Jwale, Bafarisi ba ya, ba rera kamoo ba ka mo tshwasang kateng ka puo ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, Bafarisi ba ya, ba rera kamoo ba ka mo tshwasang kateng ka puo ya hae. |
Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?”
Ba beang motho molato ka polelo tsa bona, ba tswakeletsang ya emelang toka ka lekgotleng, ka paki ya bohata ba sitise ya lokileng, ba mo sitise ho ahlolwa ka toka.
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”
Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.
Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.