La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 18:4 - BIBELE

Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mang kapa mang ya tla ikokobetsa jwaloka ngwana enwa, ke yena e moholo mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mang kapa mang ya tla ikokobetsa jwaloka ngwana enwa, ke yena e moholo mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo



Mattheu 18:4
13 Referencias Cruzadas  

Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Ka nako eo barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “E moholo Mmusong wa mahodimo ke mang?”


a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo.


Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.”


Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona;


Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe.


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”