Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”
Mattheu 16:22 - BIBELE Petrose a mo nkela kathoko, a mo kgalemela, a re: “Morena Modimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho wena.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela, a re ho yena: Morena, o ikutlwele bohloko; tse jwalo di ke ke tsa o hlahela. Baasraak Sotho NT Petrose a mo nka, a qala ho mo kgalemela, a re: “Morena, o be hole le wena! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a mo nka, a qala ho mo kgalemela, a re: “Morena, o be hole le wena! |
Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”
Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.
Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”