La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 15:33 - BIBELE

Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Re ka nka kae mahobe a kaalo feelleng, a ka kgorisang letshwele le kalo?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Re ka nka kae mahobe a kaalo feelleng, a ka kgorisang letshwele le kalo?

Ver Capítulo



Mattheu 15:33
9 Referencias Cruzadas  

Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”


Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.”


Jesu a ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?” Ba re: “Ke dinkgwa tse supileng le ditlhatswana tse seng kaenyana.”


Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!” Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?”


A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!” Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!”