Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.
Mattheu 15:24 - BIBELE Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.” Sesotho 1909/1961 (SO) A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng. Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ha ke a romelwa, haese dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ha ke a romelwa, haese dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. |
Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.
“Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.
Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.
Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”
Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.
Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,