“Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.
Mattheu 15:21 - BIBELE Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o tloha moo, a ikela naheng ya Tire le Sidone. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o tloha teng, a ya naheng ya Tire le Sidone. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o tloha teng, a ya naheng ya Tire le Sidone. |
“Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.
Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.
“Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.
Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.