Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.
Mattheu 14:9 - BIBELE Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe. Baasraak Sotho NT Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe. |
Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lona le basadi ba lona le buile ka melomo ya lona, la ba la phethahatsa ka matsoho a lona, la re: ‘Ruri re tla phetha dikano tseo re di entseng, e leng tsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino.’ Jwale he, bolokang ditshepiso tseo tsa lona, le phethahatse le dikano tseo tsa lona!
Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta.
Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”
Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.
Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.
Kgosi ya swaba haholo, empa ka baka la kano ya yona, le ka baka la ba leng dijong, ya tshaba ho mo hanela.
A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’
Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele,
Banna ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya ha ba le Misepa, ba re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla neana ka moradi wa hae hore a nyalwe ke ba morabe wa Benjamine.”
Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”
E mong wa banna ba setjhaba a re: “Ntatao o ile a hlapantsha setjhaba ka thata, a re: ‘Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno,’ empa setjhaba sona se lapile!”
Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”
Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”