Mattheu 14:35 - BIBELE Ha banna ba sebaka seo ba se ba mo tsebile, ba hlaba mokgosi sebakeng seo sohle, mme batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang. Sesotho 1909/1961 (SO) Banna ba moo ha ba tseba hoba o teng, ba romela mathokong wohle a teng; yaba ba tlisa ho yena bohle ba seng monate. Baasraak Sotho NT Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang; |
Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.
ba matha sebakeng seo sohle, mme ba qala ho mo tlisetsa ba kulang ka diphate hohle moo ba utlwelang hore o hona teng.
La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng.
Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.