Mattheu 14:3 - BIBELE Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae. Baasraak Sotho NT Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. |
Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda;
Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.
Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo hlahlela tjhankaneng ka baka la Herodiase mosadi wa moenae Filipi, eo Heroda a neng a mo nyetse.
Hoba moradi wa Herodiase a kene, a etsa motjeko, a kgahlisa Heroda le ba leng dijong le yena. Kgosi ya re ho ngwanana eo: “Nkope eng kapa eng eo o e ratang, mme ke tla o fa yona.”
Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!”
Ka yona nako eo ha fihla ba bang, ba tsebisa Jesu tsa Bagalelea bao Pilato a ileng a tswakanya madi a bona le mahlabelo a bona.
Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”
Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Ha a se a tsebile hore o pusong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, kaha le yena a ne a le Jerusalema matsatsing ao.
Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene,
le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.
“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,