Mattheu 14:28 - BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi. Baasraak Sotho NT Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. |
Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”
Petrose a mpa a bua ka matla, a re: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Bohle le bona ba bua jwalo.
Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng;
Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.