Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.”
Mattheu 14:23 - BIBELE Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi. Baasraak Sotho NT Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela; |
Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.”
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng.
Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha,
Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?”
Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.