Mattheu 14:18 - BIBELE A re: “Ntlisetseng tsona mona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o re: Di tliseng mona ho nna. Baasraak Sotho NT A re: Di tliseng kwano ho nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Di tliseng kwano ho nna. |
Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.
Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele.
Jesu a re: “Dudisang batho fatshe.” Jwang bo ne bo le bongata sebakeng seo. Banna ba dula fatshe, palo ya bona e ka ba kete tse hlano.