A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Mattheu 13:51 - BIBELE Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?” Ba re ho yena: “E.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: “Na le utlwisisa ntho tseo tsohle? Ba re ho yena: E, Morena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: “Na le utlwisisa ntho tseo tsohle? Ba re ho yena: E, Morena. |
A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”
Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng?
Le sitwa keng ho utlwisisa hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Empa hlokomelang tomoso ya Bafarisi le Basaduke.”
“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang!
O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.
A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa,
Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.