Mattheu 13:44 - BIBELE “Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo. Baasraak Sotho NT Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong; se motho ha a se fumane, a se pate, mme ka thabo a ya a rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong; se motho ha a se fumane, a se pate, mme ka thabo a ya a rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo. |
Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.
“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.
Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.
eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokwahadi, a yo rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke.”
“Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,
Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”
Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”
Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”
Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.
Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.
Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.