A retelehela ho barutuwa ba le nnotshi, a re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang!
Mattheu 13:17 - BIBELE Etswe ruri ke a le bolella, baporofeta le ba lokileng ba bangata ba ne ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba a ka ba se bona, le ho utlwa seo le se utlwang, empa ha ba a ka ba se utlwa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa. Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha le a ka la di utlwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha le a ka la di utlwa. |
A retelehela ho barutuwa ba le nnotshi, a re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang!
Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.”
Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”
Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.