O tla boelanya bo-ntata le bana ba bona, ho seng jwalo ke tla tla, ke otle lefatshe ka thohako.”
Mattheu 11:13 - BIBELE Baporofeta bohle hammoho le Molao ba nnile ba porofeta ho fihlela ho Johanne, Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne. Baasraak Sotho NT Hobane baporofeta bohle le Molao ba porofetile ho fihlela ho Johanne. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane baporofeta bohle le Molao ba porofetile ho fihlela ho Johanne. |
O tla boelanya bo-ntata le bana ba bona, ho seng jwalo ke tla tla, ke otle lefatshe ka thohako.”
Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.
A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.
Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.
Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta.