Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.
Mattheu 10:38 - BIBELE mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele. Sesotho 1909/1961 (SO) mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele. Baasraak Sotho NT Le ya sa nkeng sefapano sa hae, mme a ntatela, ha a ntshwanela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ya sa nkeng sefapano sa hae, mme a ntatela, ha a ntshwanela. |
Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.
Yare ha ba etswa, ba teana le monna wa Sirene, ya bitswang Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.
Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”
A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.
Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha.