empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
Mattheu 10:3 - BIBELE Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le Sesotho 1909/1961 (SO) Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea; Baasraak Sotho NT Filipi le Bartholome; Thomase, le Mattheu molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Lebea, ya bitswang Thaddea; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Filipi le Bartholome; Thomase, le Mattheu molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Lebea, ya bitswang Thaddea; |
empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.
Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo e monyenyane, le Joseta, le Salome,
Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.
le Andrease, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo, mora wa Alefiose, le Thadaose, le Simone Motjhesehi,
“Banna ba babedi ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ya rapela, e mong e le Mofarisi, e mong e le molekgetho.
Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.
“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.
Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!”
Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?” Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”
Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.”
Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?”
Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”
Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’?
Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.
Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng.
A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.
Ka letsatsi le hlahlamang Paulosi a ya le rona ho Jakobo, mme baholo bohle ba ne ba le teng.
Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.
Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle.
Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re: