Mattheu 10:12 - BIBELE Ha le kena ka tlung, le dumedise; Sesotho 1909/1961 (SO) Enore ha le kena tlung, le e dumedise. Baasraak Sotho NT Etlare ha le kena tlung, le e dumedise; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Etlare ha le kena tlung, le e dumedise; |
Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.
“Motseng kapa motsaneng ofe le ofe oo le kenang ho wona, le batle ya ka le amohelang, mme le hlole teng ho fihlela le tloha.
haeba ntlo eo e hlile e lokela, kgotso ya lona e be ho yona; athe ha e sa lokele, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.
O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.
Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.
Le tle le re ho yena: ‘Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona!