Mareka 3:2 - BIBELE Batho ba mo tlisa, ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha, ba tle ba mo qose. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose. Baasraak Sotho NT Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose. |
Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”
Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.
Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”
Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.
Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.
Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa.
Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.
Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.