Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
Mareka 1:1 - BIBELE Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Baasraak Sotho NT Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; |
Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.
“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
ho tloha ha Johanne a kolobetsa, ho fihlela ka letsatsi leo Jesu a neng a tloswe ho rona, a nyollelwa lehodimong ka lona, e mong wa bona e be paki ya tsoho ya hae mmoho le rona.”
Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe.
Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?