Luka 8:12 - BIBELE E ka tseleng ke ba utlwang, ebe hamorao ho tla Diabolosi, a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela, ba pholoswa. Sesotho 1909/1961 (SO) ba pela tsela ke ba utlwang; hamorao, Diabolose o a tle, a hlakole lentswe dipelong tsa bona, hore ba se ke ba dumela, le ho bolokeha. Baasraak Sotho NT Ba ka thoko ho tsela ke ba utlwang; jwale ho tle diabolosi, mme a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela mme ba bolokeha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba ka thoko ho tsela ke ba utlwang; jwale ho tle diabolosi, mme a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela mme ba bolokeha. |
“Empa ha e le lona ba furallang Morena, ba lebalang thaba ya ka, thaba e halalelang, ba batlang leseho ka ho nyehella Tosa ka dijo, ba nyehellang Sefalabohoho ka jwala bo bohale;
Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona.
E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.
“Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja.
Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.