Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.
Luka 7:5 - BIBELE hobane o rata setjhaba sa rona, o bile o re hahetse ntlo ya thapelo.” Sesotho 1909/1961 (SO) hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge. Baasraak Sotho NT Hobane o rata setjhaba sa habo rona, mme o re hahetse sinagoge. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o rata setjhaba sa habo rona, mme o re hahetse sinagoge. |
Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.
Jesu a ya le bona. Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka;
hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung.