Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa.
Luka 5:7 - BIBELE Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba. Baasraak Sotho NT Yaba ba howa balekane ba bona ba ka sekepeng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepe tse pedi, tsa ba tsa qala ho teba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ba howa balekane ba bona ba ka sekepeng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepe tse pedi, tsa ba tsa qala ho teba. |
Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa.
Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.
Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding.
Hoba ba etse jwalo ba tshwasa ditlhapi tse ngata haholo; matlowa a bona a ba a batla a taboha.
Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”
Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.