Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.
Luka 5:5 - BIBELE Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa. Baasraak Sotho NT Simone a araba, a re ho yena: Rabbi, re sebeditse ka thata bosiu kaofela, mme ha re a ka ra tshwara letho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simone a araba, a re ho yena: Rabbi, re sebeditse ka thata bosiu kaofela, mme ha re a ka ra tshwara letho; |
Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.
Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!” A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso.
Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?” Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”
Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.
Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.”
Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.” Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho.