Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”
Luka 5:4 - BIBELE Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: “Sesisetsa kweetseng, le lepeletse matlowa a lona, le tshwase.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa kwetseng, mme le akgele matlowa a lona, le tshwase. Baasraak Sotho NT Eitse hobane a qete ho bua, a re ho Simone: Suthela bodibeng, le theolele matlowa a lona, le tshwase. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a qete ho bua, a re ho Simone: Suthela bodibeng, le theolele matlowa a lona, le tshwase. |
Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”
Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.”
A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi.