Luka 4:13 - BIBELE Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle. Baasraak Sotho NT Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a tloha ho yena ka nako e itseng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a tloha ho yena ka nako e itseng. |
Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.
Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.