Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”
Luka 3:6 - BIBELE mme batho bohle ba tla bona ho pholosa ha Modimo.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) mme nama yohle e bone poloko ya Modimo. Baasraak Sotho NT Mme nama yohle e tla bona poloko ya Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme nama yohle e tla bona poloko ya Modimo. |
Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”
Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”
Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.
Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.
Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile. “Lentswe la bona le utlwahetse lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di fihlile dipheletsong, di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”